top of page

ECSA Benoni full History in Sesotho

​

* Dilemong tsa bo-1950, le dilemong tse latelang, Parishe ya Springs eo ka nako e ngwe e kileng ya bitswa Rand II, e ne e itshetlehile haholo ka Badumedi ba tswang Merafong (Mines), moaho wa kereke o ilewa ba Kwa-Thema feela. Dipalao tse kgolo tsa badumedi di ne di etswa merafong e kang : East Daggafontein, Merrivale, Vlakfontein, Sub Nigel, Geduld, Sallies, Grootvlei, Modder East, New Kleinfontein, ERPM, State Mines, Winkelhaak Mines le Witbank Coal Mines.

​

* Ho ne ho sena meaho malokeisheneng a kang: Brakpan, Tsakane, Duduza,Etwa-twa le Apex ha ese feela Kwa-thema. Badumedi ba malokeishene ana ba ne ba kena kereke merafong e haufi le bona, jwalo ka Apex-Mine No4, Wattville - Comet (ERPM), Brakpan-Sallies, Thema- East Daggafontein. Ha batho ba Apex ba tloswa, ba tlilo ahelwa Daveyton ka 1955, ba ne ba ntse ba ikela State Mines No4 Brakpan, ka maoto, ditshebeletsong. hara ba neng ba etsa jwalo, ntse re na le Letitia Motlamelle, ea kileng a hlahlatha le ho hahlaula thota eo.

Ka baka la bohole boo, eaba ka 1956 ba kopelwa sebaka sekolong sa Moshoeshoe Primary School, 'me ba ya StateMines ka mekete feela.

 

*Daveyton e ne e tsamaiswa ke Baboledi baneng ba fapanyetsana ka matsatsi, bona e ne ele bo: 'Moledi E.Shabe, 'Moledi Ntlaloe, 'Moledi Montsho, 'Moledi Letlatsa a etswa Orlando, ha kgutlela 'Moledi Shabe hape. Athe Moruti wa Parishe ya Springs ka nako eo ene e le Moruti J.Ratau, eo e itseng ha atloswa ha kena Moruti E.Thoahlane.

 

*Ka 1958 ha fihla le bo Mr Albert Motebang, Mrs Josephine Motebang, Mrs Sarah Tale ba etswa Wattville, moo ba neng ba kena Comet(ERPM). Ha fihla Mr A.Lekeno, e le titjhere sekolong sa Baikagetse, le Mrs Elizabeth Lekeno le bona ba ntse ba etswa phuthehong ya Comet (Wattville).

Ya ba ho fihleng ha Mr A.Motebang o behwa ho ba modisa wa Daveyton branch, baboledi ba se ba etla feela ka dinako tse itseng.

 

*Ke nako ena moo Daveyton e ileng ya etsa mokutu wa ho ahelwa kereke, bothata ba nako tseo, ha fumaneha hore Moruti wa kereke o dula Kwa-thema mme ha ho ka moo a ka dumellwang ke 'masepala wa Benoni, ya ba ka thuso ya Mr Pokane Nkotjo, eo e neng e le councillor ya Basothong, ha sebediswa lebitso la Mr A.Motebang ho fumana setsha sena sa kereke, ditaba tsa mehao di ne di okametswe ke Rev R.Bezencon, Presbitering ya Gauteng, moaho wa kereke wa kgakolwa ka la 04/12/1966 ke Rev E.Thoahlane. Mohlolo ke hore e bile Daveyton feela e bileng le moaho parisheng ya Springs, ntle le mishoneng Kwa-Thema, le jwale ho ntse ho le jwalo.

 

MAKGABANE TSHEBETSONG

 

Hara badumedi ba bangata ba kileng ba hlahella ka mahetla, re ka qolla Mr Shadrack Letuma, Mr Petrus Maesela, Mr Morahanye, Mr Jonas Sehloho, Mr Tebelo Nkotjo, Mr Lekgotla, Mr Nkoboloane, Mr Lekhabane Sehloho, Mr Thabang Mphosi, Mrs Frangelinah Monontshi, Mrs Rosalia Molibeli, Mrs Alinah Mahooa, Mrs Ernestinah Nchela, Mrs Elizabeth Lekeno, Ms Matamane.

* Mrs Emely Radebe - Motsamaisi wa mokgatlo wa Bo-Mmabana le Blue-Cross ka dilemo tse ngata.

* Mr Blank Ramakatane - Motsamaisi wa Ba-Bacha le sebini

* Mr Tumelo Tukisi - sebini le Motsamaisi wa Ba-Bacha ya hlwahlwa

* Mrs Bernice Mokgosi - ya lemmeng sefate se ka ntle kerekeng

* Mrs Ida Naheng - senatla se makatsang tumelong

* Mrs Agnes Mochebelele - setho sa Blue-Cross le Bo-Mmabana a bile a ngolla koranteng ya "Leeba" 

* Mr Jonas Molefi Moseli - Setho se matla sa Blue Cross le Banna le Bahlankana

* Mr Alfonia Lekeno - Motsamaisi wa mmino le dikolong

* Mr Kopie Motebang - Lenqosa la kereke sebokeng a bile a tshehetsa dibini tsa kere ha a sale mokanselara.

* Mr M.P.Rammoneng - eo e bile modisa wa kereke le motsamaisi wa Banna le Bahlankana

* Mr Albert Lekhooa Motenang - Moholo wa kereke, titjhere ya maphuthehwana

​

Mr Albert Motebang, kgothaletsong ya Rev Thoahlane, o ile a nka dithuto tsa boruti, empa eitse ha a diqetile, batsamaisi ba kereke ba se di amohele hobane a ne a sa ithuta tsona sekolong sa boruti Morija.

​

BARUTI

​

Ba re tsamaisitseng, ka ho latelana:

Rev J.Ratau

Rev E.Thoahlane

Rev R.Bezencon

Rev EPH.Shabe

Rev D.Motshetshe

Rev B.Sehau

Rev PM.Rammoneng

​

BAHOLO

​

Mr AL.Motebang 1958 - 1986

Mr MP.Rammoneng 1986 - 2005

Mr BS.Mokhele 2005 - 2017

​

CONSISTORI YA 2013 - 2017

* Rev MP.Rammoneng

* Mr BS.Mokhele

* Mr M.Mokubung

* Mr AL.Motebang

* Mr E.Makwanyane

* Mr M.Rammoneng

* Mrs E.Mokubung

* Mrs A.Mothimunye

* Mrs E.Hlongwane

* Ms N.Motebang

* Mrs S.Sebatane

* Mrs A.Mothepu

* Mrs J.Pebane

* Mrs J.Nyofane

​

​

​

​

​

​

​

Evangelical
Church in
southern
africa       (Benoni Branch)

+27 74 312 9637

ecsabenoni@gmail.com

​

11668 Pulana street

Daveyton, Benoni 1520

@2016 created by Mojaki Rammoneng, (mojaki.rammoneng@gmail.com)

Success! Message received.

bottom of page